Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ekare ha motho a hlahisa sehlabelo ho lefa kano eo a anneng ka yona, kapa e le sehlabelo sa boithatelo, nama ya sona e tla jewa ka lona letsatsi la sehlabelo, mme se ka salang se tla jewa hosasane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 “ ‘Empa ha sehlabelo e le nyehelo ya boikano kapa ya boithaopo, se tla jewa mohla letsatsi la nyehelo, mme se ka salang se tla jewa ka letsatsi la hosasane.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:16
17 Referencias Cruzadas  

ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela.


Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela,


Ke tla kena ka tlung ya hao ka ditjheso, ke o lefele dikano tsa ka tse tswileng melomong ya ka,


Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.


Ke na le mokete wa mahlabelo a teboho hae ha ka; kajeno ke phethile dikano tsa ka.


Etlere ha morena a etsa sehlabelo ka ho rata, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa teboho, ho se etsetsa Jehova, e le sehlabelo sa ho rata, a ke a bulelwe monyako o tadimileng botjhabela, mme setjheso sa hae, kapa sehlabelo sa hae sa teboho, se etswe jwalokaha ho etswa ka letsatsi la Sabatha; a ntoo tswa, mme monyako o kwalwe, ha a tswile.


O ka etsa nyehelo ya boithatelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le setho se selelele, kapa se sekhutshwanyane; empa ntho e jwalo e ke ke ya dumellwa hore ho tle ho phethwe kano ka yona.


Etlare ha le hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho, le se hlahise ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona.


Hape, le boloke Disabatha tsa Jehova, mme le nne le hlahisetse Jehova dineo tsa lona, le mahlabelo wohle a ho phetha dikano tsa lona, le dinyehelo tsohle tsa lona tsa boithatelo.


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


ha le rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa ho phetha maikano, kapa sa boithatelo, kapa le rata ho hlahisetsa Jehova monko o monate meketeng ya lona e kgethehileng, ka makgomo kapa ka manku a lona,


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


O ke ke wa ja menyakong ya metse ya hao karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine ya hao e ntjha, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo tsa hao, le a dinku tsa hao, leha e le mahlabelo a dikano tsa hao, tseo o itlamang ka tsona, le dinyehelo tsa hao tsa boithatelo, le tse ntshwang ke matsoho a hao;


Empa haele dintho tseo o tla rata ho di kgethela Modimo, le tseo o tla di hlahisa hodima dikano tsa hao, o tla di nka, o ye le tsona, nqalong eo Jehova a tla e kgetha.


Le tla isa teng ditjheso le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le mahlabelo a dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithatelo, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos