Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:6 - BIBELE

6 “ ‘Ke tla le nea kgotso lefatsheng, mme le tla ithoballa, ho se letho le le tshwenyang. Dibatana tse harolang ke tla di fedisa lefatsheng, le ba lwanang ka sabole ba ke ke ba hlasela naha ya lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke tla etsa kgotso naheng ya lona; le tla robala ho se motho ya le tsosang; ke tla fedisa dibatana tse harolang, mme lerumo le ke ke la feta ka naha ya lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:6
43 Referencias Cruzadas  

A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao.


Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso.


Mmuso wa Jehoshafate wa eba le kgotso, hobane Modimo wa hae a ne a mo neile boiketlo kahohle.


O tla ithoballa ho se ya ka o tshosang, ba bangata ba qekise setswalle sa hao.


Majwe a ke ke a o sitisa ho lema masimo, batana tsa naha di tla phela ka kgotso le wena.


makgomo a rona a ke a emare, a se folotse kapa a shwelwa ke manamane, ho se be diboko mabaleng a motse.


O entse hore kgotso e be teng meeding ya hao, a o kgorisa ka koro e atlehileng.


Morena a ke a matlafatse setjhaba sa hae, Morena a ke a se hlohonolofatse ka kgotso.


Ha ke ipiletsa ho Morena, o nkaraba a le thabeng ya hae e halalelang.


O thabisitse pelo ya ka ho feta mohla batho ba atetsweng ke koro le veine.


Morena, ako re bontshe mohau wa hao, mme o re pholose.


“Nke ke ka ba leleka kapele ho wena ka selemo se le seng, esere lefatshe la fetoha nanaola, mme dibatana tsa naha tsa ngatafala, tsa o lwantsha.


Ha o robala o ke ke wa tshaba letho, ha o robala o tla kgaleha thuwe!


Ha o tsamaya di tla o etella pele, ha o robala ebe di a o lebela, ha o tsoha ebe di bua le wena.


Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.


Tseleng tau e ke ke ya eba teng, batana se bohale se ke ke sa e tsamaya, ha ho le se seng se tla bonwa ho yona, balopollwa ke bona feela ba tla e tsamaya.


Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.


O tla hodisa mmuso wa hae, o be le kgotso e sa feleng; o tla busa a le teroneng ya Davida, a okamele mmuso wa hae, a o tsitsise, a o tshehetse ka toka le ka ho loka kamehla le mehla. Tjheseho ya Morena mabotho e tla phethahatsa hona.


“Ka baka leo, se tshabe letho, wena mohlanka wa ka Jakobo,” ho rialo Morena. “Se tsielehe, wena Iseraele, ke tla o pholosa o le bakeng se hole, ke lopolle tloholo tsa hao naheng ya bothopuwa; tjhaba sa ka se tla kgutla, se phele ka kgotso, se phele ka boiketlo, ho se ya se tshosang.


Yaba jwale ke a phaphama, ke a hlaphohelwa, ka fumana hore ke ne ke robetse hamonate.


“Ha nka romela diphoofolo tse hlaha ho feta hara naha eo, mme di bolaya batho, naha e sala e se na motho, ho se le motho ya ka fetang hara yona;


“Kapa ha nka bolaya baahi ba naha eo ka sabole, mme ka re: ‘Sabole a e ke e bolaye baahi ba naha ena!’ ebe ke bolaya batho ba yona le diphoofolo tsa yona;


“Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona!


Ke tla etsa selekane sa kgotso le dinku tsa ka, ke fedise dibatana kahara naha, dinku tsa ka di iphelele ka kgotso lehwatateng, di ipothele merung.


Difate tsa naha di tla beha ditholwana, le masimo a medise dijalo. Setjhaba sa ka se tla itulela ka kgotso kahara naha; kahoo se tla tseba hore ke nna Morena, mohla ke robang joko e melaleng ya sona, ke se namolela matsohong a ba se entseng makgoba.


Ke tla o romela sekoboto le dibatana, di o bolaele bana. Lefu la sewa le tshollo ya madi di tla o aparela, sabole e o bolaye. Nna Morena, ke se ke buile.”


Mohla tsatsi leo ke tla ba etsetsa selekane, ke ba etsetse sona le batana tsa naha, ke ba etsetse sona le nonyana tse fofang, le tsona dihahabi tse holobang mobung. Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa, ke di fedise hona naheng eo, bohle ba tle ba phele, ba iphelele ka kgotso.


Ke tla o nyala ka botshepehi, mme o tla tseba hore ke nna Morena.


“ ‘Le tla boloka melao ya ka, le phethe ditaelo tsa ka, le di phethisise, le tle le phele ka boiketlo naheng eo.


Naha e tla beha ditholwana tsa yona, le je, le kgore, mme le phele ka boiketlo ho yona.


Ke tla le romela dibatana tse hlaha, tse tla harola bana ba lona, di fedise diphoofolo tsa lona, di fokotse palo ya lona, mme ditsela tsa lona di mele mohlwa.


Ke tla le bolaya ka sabole, ho phetetsa selekane sa ka hobane le se sentse. Leha le ka la phuthehela metseng ya lona, ke tla le romela lefu la sewa, mme ke le neele dira tsa lona.


Le tla lelekisa dira tsa lona, mme le tla di bolaya ka sabole.


Motho ka mong o tla phomola tlasa morara wa hae, a phomole tlasa sefate sa hae sa feiye; ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa, hobane Morena wa mabotho o boletse jwalo.


Masalla a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, leha e le hona ho bua mashano; a ke ke a thetsa ka maleme a wona. Masalla ao a tla fula, a bothe, ho se na ya ka hlolang a a tshosa.”


‘Tlotla ya Tempele ena e ntjha e tla feta tlotla ya Tempele ya pele,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Ke tla tlisa kgotso ka tlung ena,’ ho rialo Morena wa mabotho.”


Morena o re: “Ke tla amoha Efraime kariki tsa ntwa, ke amohe Jerusalema dipere tsa ntwa, seqha sa ntwa ebe sona ke a se roba. Kgosi eo e tla tlisetsa ditjhaba kgotso, e buse ho akaretsa mawatle wohle, e buse ho tloha Nokeng ya Euferatese, e yo fihla pheletsong tsa lefatshe.”


Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.


Bosiung boo Heroda a neng a tla tsoha a mo hlahisa ho setjhaba ka bona, Petrose o ne a robetse pakeng tsa bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi, mme balebedi ba lebetse monyako wa tjhankana.


Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos