Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:5 - BIBELE

5 Nako ya lona ya ho pola e tla be e fihlelwe ke nako ya ho kotula morara; le nako ya ho kotula morara e be e fihlelwe ke ya ho lema. Le tla ja dijo tsa lona, le kgore, le phele naheng ya lona ka boiketlo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Nako ya ho pola e tla fihlelana le ya kotulo ya merara, mme kotulo ya merara e tla fihlelana le nako ya ho jala. Le tla ja bohobe ba lona, le be le khore, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:5
26 Referencias Cruzadas  

Mediko ya rona e ke e tlale, e tsholohe dijo tsa mefutafuta. Manku a rona a ke a ate ka dikete, e be diketekete makgulong a rona;


Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo. Morena, o bile setshabelo sa rona melokong yohle.


Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


Ya mmamelang o tla phela a sireletsehile, a phele ka boiketlo a sa tshabe bobe.”


Lebitso la Morena ke qhobosheane, ya lokileng o tshabela teng, a sireletsehe.


Haeba le rata, le bile le mamela, le tla ja menono ya fatshe lena;


Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata.


Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.


Mohla tsatsi leo ke tla ba etsetsa selekane, ke ba etsetse sona le batana tsa naha, ke ba etsetse sona le nonyana tse fofang, le tsona dihahabi tse holobang mobung. Ke tla fedisa seqha le sabole ya ntwa, ke di fedise hona naheng eo, bohle ba tle ba phele, ba iphelele ka kgotso.


Ke tla o nyala ka botshepehi, mme o tla tseba hore ke nna Morena.


Morena a araba tjhaba sa hae, a re: “Bonang, ke tla le fa tjhai e ngata, le tjhaye koro le veine le ole, le je, le be le di shebe feela, baditjhaba ba se hlole ba le etsa sesomo.


Lona dibatana tsa naha, se tshoheng letho, hobane makgulo a lefeella a ba matalana; fate se beha ditholwana tsa sona: Fate sa feiye le sa morara di beha haholo.


Lona le tla ja le be le di shebe feela, le nto boka Morena Modimo wa lona, yena ya le etseditseng tse kgolo. Tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ya kotulang a tla siuwa, ya kotulang a siuwe ke ya lemang; ya jalang le yena o tla siuwa, a siuwe ke ya tlhotlang morara. Veine e ntjha e tla kolla dithabeng, e phalle e kopotsa maralleng wohle.


“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!


Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”


Ke tla medisetsa dikgomo tsa lona jwang naheng ya lona, mme le tla ja, le kgore.


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos