Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:13 - BIBELE

13 Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, e le hore le se ke la ba makgoba a bona. Ke fedisitse matla a neng a le hateletse, ka etsa hore le tsamaye ka bolokolohi.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, le tle le se ke la hlola le eba bahlanka ba bona; ke robile joko e neng e le imela, mme ke le tsamaisitse ka hlooho tse leletseng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:13
18 Referencias Cruzadas  

Ruri, Morena, ke mohlanka wa hao, mora wa lekgabunyane la hao; o tlamolotse ditlamo tsa ka.


Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme a phaladisa bana ba Iseraele, ba neng ba tsamaya ba le motlotlo.


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta.


Ke tla se bea matsohong a batubi ba hao, bona ba ileng ba re ho wena: ‘Paqama fatshe, re tle re o tsamaye hodimo!’ Wa etsa hore mokokotlo wa hao o ke lefatshe, o ke mmila oo ho tsamauwang ho wona.”


O atisitse setjhaba, thabo ya sona wa e eketsa, sa thaba pontsheng ya hao, jwalokaha batho ba thabela kotulo, ba thabela ho arolelana kgapo.


“Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena, o re: ‘Ke robile joko ya kgosi ya Babilona!


Le Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, ke tla mo kgutlisetsa mona hape, hammoho le bathopuwa bohle ba Juda ba neng ba iswe Babilona, hobane ke tla roba joko ya kgosi ya Babilona,’ ” ho rialo Morena.


Mohla ke robang joko ya Egepeta, motse wa Tahepanehese o tla aparelwa ke lefifi, matla a wona a boikgohomoso, wona a fele. Leru le letsho le tla kwahela Egepeta, baahi ba yona ba iswe bothopuweng.


Difate tsa naha di tla beha ditholwana, le masimo a medise dijalo. Setjhaba sa ka se tla itulela ka kgotso kahara naha; kahoo se tla tseba hore ke nna Morena, mohla ke robang joko e melaleng ya sona, ke se namolela matsohong a ba se entseng makgoba.


Ke ne ke ba hula ka kgwele tsa mohau, ke ba hula ka mehala ya lerato; ka tlosa joko molaleng wa bona, ka inamela fatshe, ka ba fepa.


Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona.’ ”


hobane ke bahlanka ba ka bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta, mme ba ke ke ba rekiswa jwalokaha ho rekiswa makgoba.


Bana ba Iseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


Ke tla roba joko e le hatileng melala, mahlaahlela a le holehileng ke a kgaole.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos