“Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le setjhaba, le morabe wohle wa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, kaha bo-ntata rona ba sa ka ba mamela mantswe a buka ena, leha e le ho phetha tse ho itsweng re di etse.”
Ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe, empa motho ka mong o ile a latela ditakatso tsa pelo ya hae e mpe, e manganga. Ka baka leo, ke ba otla ho ya ka dipallo tsa selekane sena seo ba neng ba itlame ka sona, empa seo ba sa kang ba se boloka.’ ”
Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ”
Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa.
Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.
“Morena yena o lokile, hobane ke fetohetse molao wa hae. Lona ditjhaba tsohle, mmameleng! Tadimang, le bone matshwenyeho a ka! Thwetsana ya ka le tlhankana ya ka, kaofela ha bona ba isitswe bothopuweng!
Morena o entse seo a neng a se rerile, polelo tsa hae o di phethahaditse, polelo tse neng di bolelwe mehleng ya kgale; o o timeditse a se na mohau, a etsa hore o tlakwe ke dira tsa hao, ba o lwantshang a ba matlafatsa.
Jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, koduwa ena yohle e re wetse hodimo. Empa le jwale ha re eso ka re rapela Morena Modimo wa rona ka ho furalla bokgopo ba rona, le ka ho latela nnete ya hae.
Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!
Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?
Jwalokaha dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a neng a le tshepisitse tsona, di ile tsa phethahala, ka mokgwa o jwalo Morena o tla le tlisetsa tsohle tse mpe, ho fihlela a le timetsa naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.