Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:1 - BIBELE

1 “ ‘Le se ke la iketsetsa medimo ya bohata, le ditshwantsho tse betlilweng, kapa la itlhomela difika tseo le di kgumamelang; le se ke la haha ditshwantsho tsa majwe naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Le se ke la iketsetsa medimo ya lefeela; le se ke la ikemisetsa setshwantsho se betlilweng sa lehong, leha e le sa lejwe; le se ke la emisa ditshwantsho tse jwalo naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:1
30 Referencias Cruzadas  

Ba hloma difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera hodima maralla wohle, le katlasa difate tsohle tse talana.


Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale.


Hape sa latela meetlo ya ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho sona, le meetlo e qapilweng ke dikgosi tsa Iseraele.


Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.


Bohle ba sebeletsang ditshwantsho ba ke ba hlajwe ke dihlong, bao ba ithorisang ka mafeela; medimo yohle e ke e itihele e itihele maotong a hae.


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.


O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.


“O se ke wa iketsetsa medimo e bopilweng.


Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane.


“ ‘Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, le se ke iketsetsa medimo e bopilweng ka tshepe. Ke nna Morena Modimo wa lona.


Bana ba Iseraele ke bahlanka ba ka; ke bahlanka ba ka, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


E mong wa bara ba Arone, ya nyehelang ka madi le ka mafura a nyehelo ya teboho, yena seabo sa hae e tla ba serope sa tsoho le letona.


le tla leleka baahi ba naha eo kapele ho lona, le dihe difika tsa bona, le senye ditshwantsho tsa bona tse bopilweng, le fedise le dibaka tsohle tsa bona tsa borapedi.


“Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho.


“ ‘Ho rohakehe ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se bopilweng ka tshepe, se entsweng ke matsoho a setsebi, mme a se kgumamela sephiring, e leng ntho e manyala ho Morena!’ “Setjhaba sohle se arabele, se re: ‘A ho be jwalo!’


“ ‘Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.


Bana ba Dane ba hloma setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora wa Gereshome, setloholo sa Moshe, yena le bara ba hae ya eba baprista ba morabe wa Dane, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ho hapuwang naha ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos