Levitike 26:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Le se ke la iketsetsa medimo ya lefeela; le se ke la ikemisetsa setshwantsho se betlilweng sa lehong, leha e le sa lejwe; le se ke la emisa ditshwantsho tse jwalo naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona. Ver CapítuloBIBELE1 “ ‘Le se ke la iketsetsa medimo ya bohata, le ditshwantsho tse betlilweng, kapa la itlhomela difika tseo le di kgumamelang; le se ke la haha ditshwantsho tsa majwe naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona. Ver Capítulo |