Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 21:9 - BIBELE

9 “ ‘Moradi wa moprista ha a itshilafatsa ka bootswa, o silafatsa ntatae, mme moradi eo o tla tjheswa ka mollo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ekare ha moradi wa moprista a itlhompholla ka ho iketsa seotswa, o hlompholla ntatae; o tla tjheswa mollong.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 21:9
16 Referencias Cruzadas  

Kamora kgwedi tse tharo Juda a bolellwa, ha thwe: “Tamare, ngwetsi ya hao, o ile a iketsa seotswa, mme ho feta mona ke moimana ka baka la bootswa boo ba hae.” Juda a re: “Mo tliseng, mme a tjheswe!”


“ ‘Jwale le tla hlompha letsatsi la Sabatha, hobane le a halalela ho lona; ba le hlomphollang, ruri ba tla bolawa. Bohle ba etsang mesebetsi ka letsatsi leo, ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona.


Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?”


Le ba bolaye kaofela: Maqheku le bahlankana le barwetsana le basadi le bana, empa bohle ba tshwailweng le se ke la atamela pela bona. Le hle le qale ka Sehalalelong sa ka.” Yaba ba qala ka baholo ba neng ba le kapele ho Tempele.


“ ‘O se ke wa silafatsa moradi wa hao ka ho mo etsa seotswa, esere naha ya tlala bootswa le bokgopo bo bongata.


“ ‘Haeba monna a kena dikobong tsa ngwana le tsa mmae, hoo ke ketso e manyala. Monna le basadi bao ba babedi ba tjheswe ka mollo, hore manyala a jwalo a se ke a hlola e eba teng hara lona.


“Ke tla timetsa ditloholo tsa lona, ke le phare mahlong ka moswang wa mahlabelo a lona a mekete; le be le lahlelwe le wona kantle.


ngwanana eo o tla iswa monyakong wa ntlo yabo ebe banna ba motse wa habo ba mo tlepeletsa teng ka majwe, a be a shwe, hobane o sitetswe Iseraele ka ho etsa bohlola a ntse a le lapeng labo. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.


E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang.


Monna ya tla kgethwa, e leng ya nang le ntho e rohakehileng, o tla tjheswa ka mollo, yena le tsohle tseo a nang le tsona, hobane o robile selekane sa Morena, le hobane o entse ketso a dihlong setjhabeng sa Iseraele.’ ”


Joshua a re: “Ke ka baka lang o re tshwentseng tjee? Le wena, kajeno lena, Morena o tla o tshwenya.” Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe; ba tlepetsa le ba lelapa la hae ka majwe, ba ba tjhesa ka mollo.


Sebe sa bahlankana bana se ne se le seholo haholo mahlong a Morena, hobane bara bao ba Eli ba ne ba hlompholla dinyehelo tsa Morena.


“ ‘Se tla etsahala ho bara ba hao ba babedi, e leng Hofeni le Finease, e tla ba pontsho ho wena: Bobedi ba bona ba tla shwa ka letsatsi le le leng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos