Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 21:10 - BIBELE

10 “ ‘Moprista e Moholo, ya ileng a tshelwa hloohong ka ole e tlotsang, ya ileng a halaletswa hore a tle a apare diaparo tsa boprista, a se ke a tlohela moriri wa hae wa hlantholoha, mme a se ke a hahola diaparo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Moprista e leng e moholo hara banababo, ya tshetsweng ole ya tlolo hloohong, ya kgethilweng, ya apesitsweng diaparo tse kgethehileng, a se ke a rola hloohong ya hae, leha e le ho hahola diaparo tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 21:10
18 Referencias Cruzadas  

Jakobo a hahola diaparo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka matsatsi a mangata.


Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.


Moredekai a boela monyakong wa kgosi, empa Hamane yena a potlakela ha hae, a sulafaletswe, a ikgurumeditse hlooho.


Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,


Ho jwaloka ole ya bohlokwa, ole e tlotsang hlooho, e keleketlelang ditedung, ditedung tsa Arone, e lepellelang molaleng wa seaparo sa hae.


O nke ole ya ho tlotsa, o e tshele hodima hlooho ya hae, ebe o a mo tlotsa.


O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.”


“Motho ya nang le lepera o tshwanetse ho apara diaparo tse maharaswa, moriri wa hae o hlanthollehe, a kwahele molomo o kahodimo, mme a howe, a re: ‘Ke na le sesila! Ke na le sesila!’


Moprista ya tlotsitsweng, ya halaleditsweng hore e be moprista sebakeng sa ntatae, o tla etsa tefelo ya sebe. O tla apara diaparo tse halalelang, tse entsweng ka lesela la lene.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


A tshela ole hodima hlooho ya Arone, a mo tlotsa hore a halalele.


Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.


E ka ba sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedi ya hae, a se ke a itshilafatsa ka tsona, hobane kgalaletso ya Modimo wa hae e hodima hlooho ya hae.


Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “O nyefotse, re sa hlokelang dipaki? Jwale le ikutlwetse nyefolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos