Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila.
“ ‘Monna ofe kapa ofe eo e leng setloholo sa Arone, ya tswileng lepera, kapa ya nang le seso se qhitsang, a se ke a ja dintho tse halalelang a eso ka a hlweka. Monna ofe kapa ofe ya amang motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo, kapa ya hoshotsang metsi a bonna;
“ ‘Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa.