Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila.
“ ‘Monna ofe kapa ofe eo e leng setloholo sa Arone, ya tswileng lepera, kapa ya nang le seso se qhitsang, a se ke a ja dintho tse halalelang a eso ka a hlweka. Monna ofe kapa ofe ya amang motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo, kapa ya hoshotsang metsi a bonna;
mme a re ho yena: “Hlokomela, o se re letho ho motho; o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe hobane o hlwekile, e be bopaki ho bona.”