Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 13:7 - BIBELE

7 Haeba lekgopho le bonahala hore le anela mmele, kamora hore motho enwa a itlhahise kapele ho moprista, hore a hlwekiswe, motho eo o tla boela a itlhahisa ho moprista kgetlo la bobedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa ekare ha a ne a se a itlhahisitse ho moprista hore a bolelwe hoba o hlwekile, mme setlapedi se boetse se kekile letlalong, o tla boela a itlhahise ho moprista.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:7
10 Referencias Cruzadas  

Metsu ya hao e ntlhabile, letsoho la hao le nkotlile habohloko.


“Ha motho a ka tswa lekukuma, kapa lekgopho, kapa setlapedi, mme ho bonahala eka hona ho tla iketsa lepera mmeleng wa hae, o tla tliswa ho moprista Arone, kapa ho e mong wa bara ba hae, bao e leng baprista.


Ka letsatsi la bosupa moprista o tla mo hlahloba; haeba lefu lena le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la lepera.


Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba kgetlo la bobedi, mme ha a bona hore setlapedi se a fola, ha se anele mmele, moprista o tla phatlalatsa hore o hlwekile, ke lekgopho feela. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.


Moprista o tla boela a mo hlahloba, mme haeba lekgopho lena le bonahala le ntse le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, hona ke lefu la lepera.


Ka letsatsi la bosupa moprista o tla kgutlela teng ho ya hlahloba ntlo eo hape. Haeba a fumana hore lefu leo le anetse mabota a ntlo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos