Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 13:6 - BIBELE

6 Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba kgetlo la bobedi, mme ha a bona hore setlapedi se a fola, ha se anele mmele, moprista o tla phatlalatsa hore o hlwekile, ke lekgopho feela. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 moprista o tla boela a tadime ka letsatsi la bosupa, mme ha a bona hobane leqeba le sobane, mme ha le a ka la keka letlalong, moprista o tla mmolela hore o hlwekile; ke setlapedi feela; a ke a hlatswe diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:6
23 Referencias Cruzadas  

thapelo kapa kopo efe le efe e etswang ke motho ofe le ofe, kapa ke setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a kgwebethwang ke letswalo la hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae tlung ena,


o utlwe thapelo ya sona le kopo ya sona o le lehodimong, o se lwanele.


Di ruta mohlanka wa hao, ya di bolokang o fumana moputso o moholo.


Ke mang ya ka reng: “Ke hlwekisitse pelo ya ka, nna ke hlwekile ha ke na sebe?”


Ha ho ya lokileng mona lefatsheng, ya etsang ho molemo, ya sa etseng sebe.


Ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehile, ha a ka ke a tima lebone, a le tima le taitsa. O tla ahlola bohle ka botshepehi.


Mang kapa mang ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


Ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya jang nama ya phoofolo e shweleng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimama. Ya tlosang sefifi sa yona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


“Ha motho a ka tswa lekukuma, kapa lekgopho, kapa setlapedi, mme ho bonahala eka hona ho tla iketsa lepera mmeleng wa hae, o tla tliswa ho moprista Arone, kapa ho e mong wa bara ba hae, bao e leng baprista.


Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba, mme ha a bona hore lefu ha le tswele pele, moprista o tla boela a etsa hore motho eo a se ke a dula le batho ba bang ka matsatsi a supileng.


Haeba lekgopho le bonahala hore le anela mmele, kamora hore motho enwa a itlhahise kapele ho moprista, hore a hlwekiswe, motho eo o tla boela a itlhahisa ho moprista kgetlo la bobedi.


“Motho enwa ya tlilo hlwekiswa o tla hlatswa diaparo tsa hae, a beole moriri wa hae kaofela, a tolle ka metsing, jwale e tla ba o hlwekile. Kamorao ho mona a ka kena ka diahelong, empa o tla dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.


Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


“Ba itshilafaditse, ha e sa le bana ba hae, ba dikodi, ke moloko o kgelohang, o kgopo.


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.


Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos