Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 11:2 - BIBELE

2 “Buang le bana ba Iseraele, le re: ‘Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang hara diphoofolo tsohle tse teng lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bolellang bana ba Iseraele, le re: Tse utlwang tseo le ka di jang hara diphoofolo tsohle tse lefatsheng ke tsena:

Ver Capítulo Copiar




Levitike 11:2
22 Referencias Cruzadas  

Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”


Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo.


Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re ho bona:


E tla ba manyala ho lona, mme nama ya tsona le se ke la e ja; ho lona le dififi tsa tsona e be manyala.


“ ‘Hara dinonyana le tla ila tsena; ha le na ho di ja, hobane ke manyala: ntsu, le seodi, le letlaka;


Leha ho le jwalo, hara dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo, tse tsamayang ka maoto a mane, le ka ja tse nang le monoto wa ho qothoma hodima lefatshe.


“ ‘Hara diphoofolo tse tsamayang hodima lefatshe, ho lona tsena ha di a hlweka: sele, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;


Diphoofolo tsohle tse nang le dikgolana, tse thuisang, le ka di ja.


Dijo tsohle tse ka ho sona tse ka jewang, ha di ka tshwelwa ka metsi ao, di tla silafala, le tsohle tse ka nowang, tse ka sejaneng seo, di tla silafala.


“ ‘Haeba e nngwe ya diphoofolo tseo le jang nama ya tsona e itjhwella feela, mang kapa mang ya amang sefifi sa yona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.


“ ‘Leha ho le jwalo, le se ke la ja tsena tse latelang, tse thuisang feela, kapa tse nang le dikgolana feela: kamele e a thuisa, empa ha e na dikgolana; ka baka leo, ho lona ha e a hlweka.


“ ‘Hara diphoofolo tse phelang ka metsing, le ka ja tse latelang: tsohle tse ka mawatleng kapa ka metsing a dinoka, tse nang le mapheo le mahehebu, le ka di ja.


Se kenang ka molomo ha se silafatse motho, empa se tswang ka molomo ke sona se mo silafatsang.”


Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang.


Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos