Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 11:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bolellang bana ba Iseraele, le re: Tse utlwang tseo le ka di jang hara diphoofolo tsohle tse lefatsheng ke tsena:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Buang le bana ba Iseraele, le re: ‘Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang hara diphoofolo tsohle tse teng lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 11:2
22 Referencias Cruzadas  

Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


Jwale, Daniele a rera pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nowang ke yena, mme a kopa ho hlooho ya matona hore a leswe hore a se ke a itshela ditshila.


Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re ho bona:


E hle e be manyala ho lona. Le se ke la ja nama ya tsona; le ditopo tse shweleng tsa tsona e ke e be manyala ho lona.


Haele dinonyana tseo le tla re ke manyala, tse se nang ho jewa, tse tlang ho ba manyala ho lona, ke tsena: Ntsu, le seodi, le ntsu ya lewatle;


Diphoofotswanyana tse rurang, tse tsamayang ka maoto a mane, tseo le ka di jang, ke tsona feela tse nang le menoto maotong a tsona ya ho qotoma hodima lefatshe.


Haele diphoofotswanyana tse nyekenyehang lefatsheng, tseo le tla di tadima hore di ditshila, ke kgwiti, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;


Phoofolo e nngwe le e nngwe e nang le dikgola tse pedi le tlhako e arohaneng, e busolosa, e be dijo ho lona.


Dijo tsohle tse jewang tseo metsi a ntho tseo tse shweleng a tsholohetseng hodima tsona, di tla ba ditshila, hammoho le tse nowang kaofela, leha di le pitseng efe le efe, di tla ba ditshila.


Ha ho ka shwa phoofolo e nngwe ya tseo le ka di jang, motho ya tlang ho ama setopo sa yona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Haele tse busolosang feela, kapa tse ditlhako di arohaneng feela, tsona le se ke la di ja: ke kamele, hobane e a busolosa, empa ha e na tlhako e arohaneng; e tla ba sesila ho lona;


Haele tse utlwang tse ka metsing, tseo le ka di jang, ke kaofela ha tse nang le maphewana a ho hlapa le makgakgapha; tse jwalo tse ka metsing, le mawatleng, le dinokeng, e tla ba dijo ho lona;


Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.


e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos