Ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng o nke ka supa, e tona le e tshehadi ya yona, le ho diphoofolo tse sa hlwekang o nke ka pedi, e tona le e tshehadi ya yona.
Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.
Kgethahanyang phoofolo e hlwekileng ho phoofolo e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho nonyana e sa hlwekang, hore le tle le se ke la iketsa batho ba manyala ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka tsohle tse hahabang lefatsheng, tseo ke le tsebisitseng tsona hore ke tse sa hlwekang.
Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.