Yaba o re: “Wena moradi wa Sidone ya ripitlilweng, o ke ke wa hlola o nyakalla hape! Leha o ka tsamaya wa tshelela Kitime, le teng phomolo o ke ke be wa e bona!”
Ako itshwabele wena Sidone, wena o leng qhobosheane ya lewatle, hoba lewatle le buile, la re: “Ha ke eso be le mahlaba a pelehi, le ho tswala ha ke eso tswale, ha ke eso hodise bara, le baradi ha ke eso ba hodise.”
A boela a ya Kana e Galelea, moo a neng a fetole metsi veine teng. Hona moo ho ne ho ena le letona le leng, leo mora wa lona a neng a kula, Kaperenauma.
Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.
Ba morabe wa Ashere le bona ba se ke ba leleka baahi ba Ako, le baahi ba Sidone, le ba Ahalaba, le ba Akasibe, le ba Heleba, le ba Afike, le ba Rehobe.
Ba hloka ya ka ba namolelang, hobane ba ne ba le hole le Sidone, ebile ba sa amane le motho ofe kapa ofe. E ne e le ka kgohlong e haufi le Bete-Rehobe. Bana ba Dane ba haha motse, mme ba phela moo.