24 Jwale ha tswa lotho la bohlano, la bana ba morabe wa Ashere, ho ya ka malapa abo bona.
24 Karolo ya bohlano ya laolelwa leloko la bana ba Asere ka matlo a bona.
Bara ba Silepa, lekgabunyane la Lea, ke Gade le Ashere. Bana ke bara ba Jakobo bao a ba tswetseng ha a le Padane-Arame.
Baana, mora wa Hushai, o ne a le Ashere le Alote;
“Naha eo ya Dane e tla sehelana moedi le ya Ashere;
Ena ke naha ya morabe wa bana ba Isakare, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.
Moedi wa bona o ne o akareleditse Helekate, le Hale, le Betene, le Akashafe,
Ba morabe wa Ashere le bona ba se ke ba leleka baahi ba Ako, le baahi ba Sidone, le ba Ahalaba, le ba Akasibe, le ba Heleba, le ba Afike, le ba Rehobe.
Gileade a itulela mose ho Jorodane, Dane yena o duletseng ka dikepeng? Ashere yena o ituletse lebopong la lewatle, o iphomoletse dikoung tsa lona.