Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 19:12 - BIBELE

12 Ho tloha Saride o thinyetse ka botjhabela, o yo fihla moeding wa Kiselote-Tabore, ebe o fetela Daberate, o nyolohele Jafia.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ha o tloha Saride, o pota ka nqa botjhabatsatsi naheng ya Kislothe-Thabore, o ntoo fetela Dabrathe, o nyolosetsa Jafia;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 19:12
8 Referencias Cruzadas  

Naheng e abetsweng ba morabe wa Isakare ba abelwa Kedeshe le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona,


Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng.


Moedi wa bona o ne o nyoloha ka bophirimela ho ya fihla Marala, le ho ya fihla Dabeshete, le ho ya fihla molatswaneng o ka botjhabela ho Jokoneame.


Ho tloha moo o fetele nqa botjhabela, ho ya Gate-Hefere, le Itakasine; ebe o fetela Rimone-Metware, o yo fihla Nea.


Moedi o ne o fihla Tabore, le Shahasaime, le Bete-Shemeshe; o yo fella Jorodane. E ne e le metse e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.


Naheng ya morabe wa Isakare ba abelwa Kishione le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona,


Ba tsebisa Sisera hore Barake, mora wa Abinoame, o nyolohetse thabeng ya Tabore.


A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: ‘Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos