Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 18:21 - BIBELE

21 Metse ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le ena: Jeriko, le Bete-Hogola, le Emeke-Kesise,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Metse ya leloko la Benjamine ka matlo a bona ke Jeriko, Bethe-Hogla, Emeke-Ketsitse,

Ver Capítulo Copiar




Joshua 18:21
12 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng.


“Merabeng e meng e setseng, Benjamine o tla ba le karolo e le nngwe ya naha, ho tloha botjhabela ho ya bophirimela.


Jesu a araba, a re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a eya Jeriko, mme a wela hara dinokwane tse ileng tsa mo hlobodisa, tsa mo kgakgatha, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa.


Jesu a fihla a phunyeletsa motse wa Jeriko.


Moedi o ne o nyolosetsa Bete-Hogela, o yo pota ka leboya ho Bete-Araba, o nyolose hape ho ya fihla Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene.


Ka lehlakoreng le ka leboya moedi wa bona o ne o tloha nokeng ya Jorodane, o nyolosetsa lehlakoreng la Jeriko le ka leboya, o nyolose hara naha e maralla, ka bophirimela, o yo fella lehwatateng la Bete-Afene.


Moedi wa boela wa fetela lehlakoreng le ka leboya ho Bete-Hogola, wa ya fella koung e ka leboya ho Lewatle la Letswai, ka lehlakoreng le ka borwa ho Jorodane. Ona ke moedi o ka borwa.


Ka botjhabela moedi e ne e le Jorodane. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, le meedi ya yona, ho ya ka malapa abo bona.


le Bete-Araba, le Semaraime, le Bethele,


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Menyako ya Jeriko e ne e kwetswe nti! ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele. Ho ne ho se le ya mong ya tswang, ho se le ya mong ya kenang.


Bana ba mohwe wa Moshe, eo e leng Mokene, ba nyoloha le banna ba Juda ho tloha motseng wa dipalema, ho ya lefeelleng la Juda le ka borwa ho Arada. Ba ya, ba aha le setjhaba seo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos