Ha nako e ntse e tswela pele, mosadi wa Juda, moradi wa Shua, a shwa. Ha Juda a se a tshedisehile, a nyolohela Timina ho bakuti ba dinku tsa hae, a ena le motswalle wa hae Hira, wa Adulame.
Jwale moedi o thinyetse ka bophirimela ho Baala, ho ya fihla thabeng ya Seire, ebe o fetela leropong le ka leboya la thaba ya Jearime — ke yona Kesalone — wa theosa ho ya fihla Bete-Shemeshe, wa ya feta Timina.