Bana ke bona ba ileng ba tla ho Davida ha a ntse a ipatile Sikelage, ka baka la ho tshaba Saule, mora wa Kishe. E ne e le ba bang ba bahale ba neng ba mo thusa ntweng.
Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,