Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 15:17 - BIBELE

17 Yaba Oteniele, mora wa Kenase, ngwanabo Kalebe, o hapa Kiriate-Sefere, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae hore e be mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ebile Othniele, mora Kenase, ngwanabo Kalebe, o a o kena; mme a mo nea Aksa, moradi wa hae, ya eba mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 15:17
9 Referencias Cruzadas  

A ba a tswala le Shaafe, ya ileng a thea Mademana; a tswala le Shefa, ya ileng a thea Makebena, le Gibea. Moradi wa Kalebe e ne e le Akasa.


Heledai wa Monetofa, wa morabe wa Oteniele, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Bana ke bara ba Kenase: Oteniele, le Seraya. Bara ba Oteniele ke Hatate le Meonotai.


Ha ho le ya mong, haese Kalebe, mora wa Jefune, wa morabe wa Bakenase, le Joshua, mora wa Nune, hobane bona ba latetse Morena ka botshepehi.’


Bana ba Juda ba ya ho Joshua ha a le Gilegale, mme Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, a re ho yena: “O tseba seo Morena a neng a se bue ho Moshe, mohlanka wa Modimo, malebana le nna, le malebana le wena, ha re le Kadeshe-Barenea.


Yaba Kalebe o re: “Mang kapa mang ya ka futuhelang motse wa Kiriate-Sefere, mme a o hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.”


Jwale Oteniele, mora wa Kenase, moena Kalebe, a e hapa, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae Akasa, hore e be mosadi wa hae.


Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, o a shwa.


Ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi ya ileng a ba namolela. Ke Oteniele, mora wa Kenase, moena wa Kalebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos