Ha kgosi Arada wa Mokanana, ya neng a ahile Negebe, a utlwa hore Iseraele o ntse a etla ka tsela ya Atarime, a lwantsha Baiseraele, mme a hapa ba bang ba bona.
Morena a utlwa Iseraele, mme a mo fa matla a ho hlola Bakanana. Baiseraele ba ripitla Bakanana le metse ya bona ho hang. Yaba sebaka seo ba se rea lebitso la Horema.