Joshua 12:1 - BIBELE1 Tsena ke dikgosi tsa dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di hlola. Ba hapa naha ya tsona e kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela, ho tloha Kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone, le Araba yohle ka botjhabela. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Ke ana marena a lefatshe la Kanana, ao bana ba Iseraele ba a hlotseng, ba ruileng naha tsa wona mose wane wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi, ho tloha nokeng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone, hammoho le lehwatata lohle nqa botjhabatsatsi. Ver Capítulo |