Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 1:12 - BIBELE

12 A ba araba, a re: “Nkukeng, le nkakgele lewatleng, mme lewatle le tla kokobela. Ke a tseba hore ke ka baka la ka ha e le mona sefefo sena se matla se le befetse tjena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A re ho bona: Nkukeng, le ntahlele lewatleng, mme lewatle le tla le kgutsetsa; hobane ke a tseba hore ke ka baka la ka sefefo sena se seholo se le hlahetseng.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 1:12
10 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Davida a bona lengeloi la Morena le timetsang setjhaba, a re ho Morena: “Ke nna ya sitilweng, ke nna ya entseng bobe; jwale dinku tsee tsona di entseng? Ke a rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso.”


Davida a re ho Modimo: “Ha ke re ke nna ya laetseng hore ho balwe setjhaba? Ke nna ya entseng sebe; ruri ke nna ya entseng bokgopo. Jwale dinku tsee tsona di entseng? Oho, Morena Modimo wa ka, ke a o rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso, o se ke wa otla setjhaba sa hao.”


Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena.


Bohlale bo molemo ho feta hlomo tsa ntwa, modibe ya mong o senya tse ngata tse molemo.


Yaba ba a mmotsa, ba re: “Jwale re o etse jwang, e le hore lewatle le tle le kokobele?” Lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana.


Leha ho le jwalo, banna bao ba leka ka matla ho sokela sekepe lebopong, empa ba sitwa, hobane lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana.


leha e le ho utlwisisa, hore ho molemo ho lona hore motho a le mong a shwele setjhaba, e seng hore setjhaba sohle se timele.”


la re: ‘Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’


Ka baka leo, bana ba Iseraele ba ke ke ba tseba ho thulana le dira tsa bona; ba tla baleha dira tsa bona, hobane ba rohakilwe. Ha ke sa tla hlola ke eba le lona, haese feela ha le ka timetsa ntho eo e rohakehileng hara lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos