Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A re ho bona: Nkukeng, le ntahlele lewatleng, mme lewatle le tla le kgutsetsa; hobane ke a tseba hore ke ka baka la ka sefefo sena se seholo se le hlahetseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 A ba araba, a re: “Nkukeng, le nkakgele lewatleng, mme lewatle le tla kokobela. Ke a tseba hore ke ka baka la ka ha e le mona sefefo sena se matla se le befetse tjena.”

Ver Capítulo Copiar




Jonase 1:12
10 Referencias Cruzadas  

Davida, ha a bona lengeloi le bolayang setjhaba, a bolella Jehova, a re: Bona, ke nna ke entseng hampe; nku tseo tsona di entseng? Tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate!


Davida a re ho Modimo: Na hase nna ke laetseng hore ho balwe setjhaba na? Ke nna ke sitilweng, ke nna ke entseng bobe; dinku tseo tsona di entseng na? Jehova, Modimo wa ka, tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate, mme le se ke la nna la kenya lefu setjhabeng sa hao!


Sebe sa hao se ka senya motho ya jwaloka wena feela, ho loka ha hao ho ka thusa ngwana wa motho feela.


Bohlale bo molemo ho ena le dihlomo, empa moetsadibe a le mong o senya monono o mongata.


Ba re ho yena: Re tla o etsa jwang, hore lewatle le tle le re kgutsetse? Hobane lewatle le ne le ntse le eketsa ho halefa.


Leha ho le jwalo, banna bao ba soka ka matla ho kgutlisetsa sekepe lebopong, ba mpa ba sitwa, hobane lewatle le ne le ntse le eketsa ho ba halefela.


Ha le hopole hobane ho ka ba molemo ho rona ha setjhaba se ka shwelwa ke motho a le mong, setjhaba kaofela se se ke sa timela.


la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena.


Ke kahoo bana ba Iseraele ba sitwang ho ema pela dira tsa bona, ba baleha pela dira tsa bona, ke hobane ba fetohile ba entsweng anathema. Nke ke ka hlola ke eba le lona, ha le sa fedise anathema e hara lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos