“Haeba ba o sitelwa, hobane ha ho motho ya sa sitweng, o tla ba halefela, o neelane ka bona ho dira tsa bona, hore di ba hape, e be bathopuwa, di ba ise naheng ya tsona e hole kapa e haufi.
Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena o lokile, hobane ke mona kajeno re mesaletsana e phonyohileng, mme re kapele ho wena re ntse re le hara melato ya rona, le hoja re ke ke ra ema kapele ho wena, ka baka la yona.”
Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso.