“Ba tla re: ‘Itokisetseng ho mo futuhela! Emang, re futuheng ha tadi e anyesa! Re madimabe hakaakang! Tsatsi le se le sekame! Meriti ya mantsiboya e hlahlamela dithaba!
“ ‘O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa. “ ‘O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.
“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.
O mo nee moputso wa hae wa letsatsi ka leng; letsatsi le se ke la dikela a eso o fumane, hobane ke mofutsana, mme o lebeletse moputso oo, e le hore a se ke a ipiletsa ho Morena ka baka la hao, mme ebe o entse sebe.
Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.