Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 7:1 - BIBELE

1 “Bophelo ba motho mona lefatsheng ke ntwa, matsatsi a hae ekare a mohiruwa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bophelo ba motho lefatsheng ke ntwa; matsatsi a hae a jwaloka matsatsi a motho ya thotsweng.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 7:1
16 Referencias Cruzadas  

O tlisa paki tse ntjha ho nnyopisetsa bopaki, le kgalefo ya hao e ntlokomela ho feta, mara a hao a mphutuhela ka mekgahlelo.


“Motho ya tswetsweng ke mosadi o phela hakgutshwanyane, bophelo ba hae bo aparetswe ke ditsietsi;


motho ditsietsi o tswalwa a di apere, seka tetema e qhomisetsa ditlhase hodimo.”


a mohlanka ya labalabelang moriti, a mohiruwa ya lebeletseng moputso;


pelo ya ka ya tlallana, ha ke ntse ke fehelwa ka tuka malakabe, ka ba ka bua, ka re:


Motho ha a na matla a ho busa moya wa hae, kapa a ho laola tsatsi la lefu la hae; ha ntwa e kopane ha ho bewe dihlomo fatshe, bokgopo bo ke ke ba lokolla ba bo etsang!


Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.”


Morena o buile tjena ho nna: “Etlare ho eso fete selemo, ho ya kamoo mohlanka a balang dilemo kateng, botlotlehi ba Kedare bo be bo fedile.


“Eya, o bolelle Hesekiya, o re: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.


Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.


Eo o tla rerisana le ya mo rekileng, ba bale nako ho tloha selemong seo a ithekisitseng ka sona, ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho, mme tjhelete ya topollo e lekane le palo ya dilemo, e balwe ho ya ka tjhelete e lefuwang mohiruwa.


“Ho se ke ha eba thata ho lokolla lekgoba la hao, hobane mosebetsi oo le o etseditseng wona ka dilemo tse tsheletseng, o lekanwa ke moputso wa bahlanka ba babedi ba hirilweng, mme Morena Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tseo o di etsang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos