Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 16:4 - BIBELE

4 Hoja boemo ba ka e ne le ba lona, ke ne nka nna ka bua jwaloka lona, ka puo tse ngata ka le tlameletsa, ka ba ka thukuthela hlooho ya ka ho lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le nna, ke ne nka bua jwaloka lona, hoja le dutse ditulong tsa ka; nka be ke loha ditaba hodima lona, ka oma ka hlooho ho lona;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 16:4
21 Referencias Cruzadas  

Morena o buile mantswe ana, malebana le Saneheribe: “ ‘Moradi wa Sione, wa morwetsana, o o nyedisitse, a o ja tlepane; moradi wa Jerusalema o o thukuthela hlooho.


“Puo tse ngatangata tsee ha di lokele ho arajwa? Ebe motho wa lehehle yena o nepa kamehla?


Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi.


Ka baka lena, Jobo o bua feela, o pepeta haholo, feela a se na tsebo.”


“Ya nyahameng pelo eka kgona a hauhelwe, ke metswalle, leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.


Ke fetohile sekgobo ho baqosi ba ka, ha ba mpona ba ntshisinyetsa dihlooho.


Empa nna ke seboko, ha ke motho; ke sekgobo ho bohle, ke nyediswa ke setjhaba.


Bohle ba mponang ba a ntshoma, ba nnyekoletsa melomo, ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:


O re fetotse sekgobo ho baahisane ba rona; sesomo le setsheho ho ba re potapotileng.


Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale.


Sethoto ha se hehla ha se kgaotse! Motho a ke ke a tseba tse tla etsahala; tse tla hlaha hoba a fete di ka senolwa ke mang?


“Moradi wa Sione, wa morwetsana, o o nyedisitse, a o ja tlepane; Moradi wa Jerusalema o o thukuthela hlooho.


Naha ya sona se e fetotse nanaola, e fetohile sekgobo sa mehla yohle, bo-mofeta-ka-tsela ba ye ba e makalle, hlooho tsa bona ba be ba di thukuthe.


Na hase Moabe e neng e soma Baiseraele? Na e kila ba fumana ba le hara mashodu, hoo e thukuthang hlooho ha e bua ka bona?


Bo-mofeta-ka-tsela ba opa diatla, ba opa diatla ha ba o bona; ba letsa molodi, dihlooho ba a di thukutha, ba soma Moradi wa Jerusalema, ba re: “Na motse oo ke wona o no le motlemotle, o no thabisa lefatshe lohle?”


Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla!


Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.”


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos