5 Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi.
5 nka be ke le matlafisa ka molomo wa ka, ka le tiisa ka ho bebenya ha melomo ya ka.
Hoja boemo ba ka e ne le ba lona, ke ne nka nna ka bua jwaloka lona, ka puo tse ngata ka le tlameletsa, ka ba ka thukuthela hlooho ya ka ho lona.
“Leha nka bua, bohloko ba ka ha bo kokobele; leha ke kgutsitse, bona ha bo ntlohele.
Ke ne ke le morena, ke ba supisa tsela, ke phela jwaloka kgosi hara mabotho a yona, jwaloka ya tshedisang ba apereng bofifi.”
“Ya nyahameng pelo eka kgona a hauhelwe, ke metswalle, leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.
Mantswe a nnete a matla hakaakang! Polelo tsa lona ekaba di supa eng?
Lebella Morena, o be sebete; tiya pelo, o lebelle Morena.
Tshepe e leotswa ka tshepe e nngwe, monna o tentshwa tshea ke banna ba bang.
Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo.
Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.