“Empa na, ruri, Modimo o tla hle a ahe lefatsheng le batho? Bona, haesitana le mahodimo a maholo hakanakana, a sa o lekane, ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang?
Tsohle di rorise lebitso la Morena; ke lona feela le lokelang ho tlotliswa, botlotlehi ba hae bo phahame, bo phahametse lefatshe, bo phahametse le mahodimo.
Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela!
Leha ba ka phunyeletsa ho ya fihla Nqalong ya Bafu, tsoho la ka le tla ba ntsha hona moo. Leha ba ka nyolohela hodimo, hodimo mahodimong, le hona moo ke tla ba theola.