Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!
A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le nnotshi le phahamileng, bokgabane ba hae bo phahamile ho fetisa lefatshe le mahodimo.
Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?
Empa jwalokaha lehodimo le phahame hodimo ho lefatshe, ditsela tsa ka di phahame jwalo hodimo ho ditsela tsa lona, le mehopolo ya ka hodimo ho mehopolo ya lona.