Jeremia 7:18 - BIBELE18 Bana ba rwalla patsi, bo-ntata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama, ba etsetsa mofumahadi wa lehodimo maqebekwane. Ba etsetsa medimo e meng dinyehelo tsa dino, hore ba mphephetse ke tle ke utlwe bohloko. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)18 Bana ba rwalla patsi, bontata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama ho etsetsa mofumahadi wa lehodimo dinkgwana, ba tshella medimo esele dino, ba tle ba mphephetse. Ver Capítulo |
Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lona le basadi ba lona le buile ka melomo ya lona, la ba la phethahatsa ka matsoho a lona, la re: ‘Ruri re tla phetha dikano tseo re di entseng, e leng tsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino.’ Jwale he, bolokang ditshepiso tseo tsa lona, le phethahatse le dikano tseo tsa lona!
Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.
Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.