Jeremia 7:17 - BIBELE17 Na ha o bone seo setjhaba see se se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)17 Na ha o bone seo ba se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? Ver Capítulo |
Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.