Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:26 - BIBELE

26 “Batho ba kgopo ba teng tjhabeng sa ka, ba lallang sa batshosi ba dinonyana, sa ba tjhehang difi hore ba kgate batho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hobane ba babe ba teng setjhabeng sa ka, ba nanarelang jwalokaha ho kgukgunela batshwasi ba dinonyana; ba tjheha sefi, ba tshwasa batho.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:26
16 Referencias Cruzadas  

Ba fula ya se nang kodi ba ipatile, ba mo fula ka tsometso ba se na letswalo.


Ha ba re: “Tloo le rona, re yo lalla motho re mmolaye, re tsholle madi a ba se nang molato;


Mekgwa ya senokwane e mebe, kamehla se rera merero e kgopo, ho timetsa mafutsana ka polelo tsa mashano, leha thapedi ya bahloki e nepahetse.


“Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona.


Na botle bo ka buseletswa ka bobe? Baqosi ba ka, ba ntjheketse lemena! Hopola, ke ile ka ema kapele ho wena, ka ba buella ho ba faposa kgalefo ya hao.


Ba tlisetse batupi ka ho panya ha ntshi, seboko se utlwahale malapeng a bona, hoba ba ntjheketse lemena ke tle ke wele ka ho lona, ba tjhehetse maoto a ka leraba, ba le patile.


“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”


Maleme a sona a ka metsu e mahloko, kamehla ha se bua, se bua leshano. Ka molomo, motho o bua hamonate, o bua ho motswalle, ka pelong o ntsa mo lokisetsa maraba.


Na nka iphapanyetsa matlotlo a bolotsana, le dikala tse qhekanyetsang, tse rohakehileng?


Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa.


Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, e leng Jakobo le Johanne, bao e neng e le balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: “Se tshabe; ho tloha jwale o tla ba motshwasi wa batho.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos