Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa, pula ya hwetla le yona ya se ke ya na; empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa, wa ngangella, dihlong tsa se ke tsa o hlaba.
“Boitshwaro ba hao le diketso tsa hao ke tsona tse tlisitseng tsena, tsa di tlisa ho wena; bona ke bona bokgopo ba hao. Bona kamoo bo babang kateng! Kamoo bo o kenang pelong kateng!”
Wena Sione, kotlo ya hao e tla fela, ha o ka ke wa hlola o iswa bothopuweng. Empa wena Edomo, o tla otlelwa bokgopo ba hao, dibe tsa hao Morena a di senole.