Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 43:9 - BIBELE

9 “Nka majwe a dikakawe, o a tsetele tseleng e katilweng ka ditene, e lebang tlung ya Faro e Tahepanehese, pontsheng ya banna ba Juda,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Nka majwe a maholo, o a pate letsopeng, seboping sa setene se leng lepatlelong la ntlo ya Faro, Takpanese, pontsheng ya batho ba Juda;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:9
18 Referencias Cruzadas  

A hapa le baahi ba motse oo. A ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe; a ba sebedisa le diboping tse besang setene. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse tjena. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle.


Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba sebedisa ka thata mosebetsing wa ho etsa ditene ka letsopa, le mesebetsing yohle ya masimong; le mesebetsing yohle ya bona, eo ba neng ba ba sebedisa yona ka thata.


le Faro, kgosi ya Egepeta, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le setjhaba sohle sa hae,


ebe o re ho bona: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bonang, ke tla tlisa mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme ke tla bea terone ya hae hodima majwe ana ao ke a tsetetseng; yena o tla hloma tente ya hae ya bokgosi hodima wona.


Jwale lentswe le Morena la fihla ho Jeremia ha a le Tahepanehese, la re:


Morena o bua tjena: ‘Bonang, ke tla neelana ka Faro Hofera, kgosi ya Egepeta, matsohong a dira tsa hae, le matsohong a ba batlang ho mmolaya, jwalokaha ke ile ka neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, sera sa hae se neng se rata ho mmolaya.’ ”


“Wena ngwana motho, nka letlapa o le bee kapele ho wena, o etse setshwantsho sa motse wa Jerusalema hodima lona.


Nna ke buile le baporofeta, ka ba hlahisetsa dipono, pono tse ngatangata, ka bua le bona ka ho etsa dipapiso.”


Ikgelle metsi, o itokisetse thibella, qhobosheane tsa hao o di matlafatse; tjheka letsopa, o dube seretse, ebe jwale o bopa setene!


A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: ‘Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.’ ”


Jwale lengeloi le matla la nka lejwe le kang lelwalahadi, la le akgela lewatleng, la re: “Babilona, motse o moholo, e tla akgelwa tlase ka sefutho se tjena, mme ha e ka ke ya hlola e bonwa hape.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos