Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 43:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Nka majwe a maholo, o a pate letsopeng, seboping sa setene se leng lepatlelong la ntlo ya Faro, Takpanese, pontsheng ya batho ba Juda;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Nka majwe a dikakawe, o a tsetele tseleng e katilweng ka ditene, e lebang tlung ya Faro e Tahepanehese, pontsheng ya banna ba Juda,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:9
18 Referencias Cruzadas  

A ntsha le batho ba teng, a laela hore ba bolawe ka disaga le diege tsa tshepe le dilepe tsa tshepe, a ba fetisa le diboping, a etsa jwalo le ka metse yohle ya bana ba Ammone. Davida le setjhaba sohle ba ntoo boela Jerusalema.


ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.


le Faro, morena wa Egepeta, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le setjhaba sa hae kaofela;


o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bona, ke se ke tla romela ho lata Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, ke bee terone ya hae majweng ana ao ke a patileng, mme a ale tente ya hae hodima wona.


Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, Takpanese, la re:


ho itswe ke Jehova: Bonang, ke neela Faro-Hofra, morena wa Egepeta, matleng a dira tsa hae le matleng a ba batlang bophelo ba hae, jwalokaha nkile ka neela Tsedekia, morena wa Juda, matleng a Nebukadresare, morena wa Babilona, e neng e le sera ho yena se batlang bophelo ba hae.


Haele wena, mora motho, o nke lekote, o le bee pela hao, mme ho lona o tshwantshe motse, e leng Jerusalema;


Ke buile le baporofeta, e, nna, ke ekeditse ditshenolo, mme ka baporofeta ke boletse ditshwantsho.


Ikgelle metsi, hobane o se o tla thibellwa; tiisa diqhobosehane tsa hao: kena seretseng, o dube mobu, o hahe sebopi sa ho besa makote.


Eitse hobane a tle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho la maoto ka sona, a re: Moya o Halalelang o bolela, o re: Monna eo senyepa sena e leng sa hae, Bajuda ba tla mo tlama jwalo Jerusalema, ba be ba mo neele matsohong a baditjhaba.


Yaba lengeloi le matla le nka lejwe le ka ka lelwala le leholo, la le akgela lewatleng, la re: Ho tla akgelwa jwalo ka matla Babilona, motse o moholo, mme ha a sa tla hlola a fumanwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos