Jeremia 43:7 - BIBELE7 Ba fihla naheng ya Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Yaba he ba fihla Tahepanehese. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 ba ya Egepeta, hobane ha ba ka ba utlwa lentswe la Jehova; mme ba tla Takpanese. Ver Capítulo |
Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”