Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 43:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 ba ya Egepeta, hobane ha ba ka ba utlwa lentswe la Jehova; mme ba tla Takpanese.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ba fihla naheng ya Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Yaba he ba fihla Tahepanehese.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:7
11 Referencias Cruzadas  

Ebile setjhaba sohle, ba banyenyane le ba baholo, le balaodi ba makgotla, ba tloha, ba ya Egepeta, kahobane ba ne ba tshaba Bakalde.


A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


ba theohelang Egepeta, ba eso ho botse molomo wa ka, ba tle ba balehele tshirelong ya Faro, ba itshirele ka moriti wa Egepeta.


Leha baholo ba Juda ba se ba fihlile Tsowane, le manqosa a hae a se a le Hanese,


Le hona bana ba Nofe le ba Takpanese ba o beola hlooho.


mme ba tsamaya, ba ya dula tlung ya phapohelo ya Kimhame, maloka le Bethlehema, ba tle ba ntoo ya Egepeta, ka baka la ho tshaba Bakalde,


Mme ke fela ke le tsebisitse tsona kajeno; empa ha le utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa lona, le tsohle tseo a nthomileng tsona ho lona.


Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta, e leng ba ahileng Migdole, le Takpanese, le Nofe, le naheng ya Pathrose, la re:


Jeremia a boela a bolella setjhaba kaofela le basadi bohle, a re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba lefatsheng la Egepeta.


Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.


Haele Takpanese, motshehare o tla fetoha lefifi, mohla ke robang joko ya Egepeta teng, mme boikgohomoso ba teng bo matla bo felang. Leru le letsho le tla apesa motse oo, mme barwetsana ba teng ba tla ya kgolehong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos