Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 43:4 - BIBELE

4 Kahoo bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, le setjhaba sohle, ba se ke ba mamela lentswe la Morena, la hore ba ahe naheng ya Juda.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ba ka ba utlwa lentswe la Jehova, e le yena Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, le setjhaba kaofela, la hore ba nne ba ahe lefatsheng la Juda.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:4
10 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane, le balaodi ba mabotho, sa balehela Egepeta, hobane se ne se tshaba Bakalatiya.


Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”


Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.


Yaba ke re: “Bohlale bo molemo ho feta bonatla!” Empa bohlale ba monna ya futsanehileng bo a nyediswa, le dipolelo tsa hae ha di mamelwe.


Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, ba nka masalla a batho ba ileng ba pholoswa motseng wa Misepa, matsohong a Ishemaele, mora wa Netaniya, hoba Ishemaele a bolaye Gedaleya, mora wa Ahikama. E ne e le banna le basadi le bana le bahlanka bao a ba kgutlisitseng Gibeone.


Ka letsatsi lena ke le boleletse tsona, empa ha le a mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, leha e le ntho efe kapa efe eo a nthommeng ho le bolella yona.


Yaba Jeremia o bitsa Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang.


Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha ditsebe tsa bona, hore ba furalle bokgopo boo ba bona, ba ho tjhesetsa medimo esele mokubetso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos