Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 43:3 - BIBELE

3 Ke Baruke, mora wa Neriya, ya o hlohleletsang hore o neelane ka rona matsohong a Bakalatiya, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise Babilona, bothopuweng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O mpa o susumetswa ke Baruke, mora Neria, bakeng sa rona, hore re tle re neelwe matleng a Bakalde, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise kgolehong Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:3
12 Referencias Cruzadas  

Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella.


Ka nea Baruke, morwa wa Neriya, setloholo sa Maasiya, lengolo la theko moo mora wa rangwane, Hanamele, a leng teng, le moo dipaki tse ingotseng mabitso a tsona lengolong la theko di leng teng, le moo Bajuda bohle ba neng ba dutse ka lebaleng la tjhankana ba ntseng ba bona.


Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.


Yaba kgosi e laela kgosana Jerahameele, le Seraya, mora wa Aseriele, le Shelemiya, mora wa Abedele, hore ba tshware Baruke, eo e neng e le mongodi, le moporofeta Jeremia, empa Morena a ba pata.


Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora wa Neriya. Baruke a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, ao Morena a neng a a buile ho yena, a a ngola bukeng.


Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


ba baleha Bakalatiya. Ba ne ba ba tshaba, hobane Ishemaele, mora wa Netaniya, o ne a ile a bolaya Gedaleya, mora wa Ahikama, eo kgosi ya Babilona e neng e mo kgethile hore e be mmusi wa naha eo.


Ba nka le banna le basadi, le bana le baradi ba kgosi, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a ba siile le Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, le moporofeta Jeremia, le Baruke, mora wa Neriya.


“Le madimabe ha batho bohle ba le bua hantle; etswe bo-ntata lona ba entse baporofeta ba bohata jwalo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos