Jeremia 42:16 - BIBELE16 sabole eo le e tshabang e tla le fumana moo Egepeta, le sekuboto seo le se tshabang se tla le sala morao ho ya fihla moo Egepeta, mme le tla shwela hona teng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 lerumo leo le le balehelang le tla le fihlela teng lefatsheng la Egepeta, le tlala eo le e balehelang e tla le kgomarela Egepeta, le shwele teng. Ver Capítulo |
“ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena.