Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 41:16 - BIBELE

16 Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, ba nka masalla a batho ba ileng ba pholoswa motseng wa Misepa, matsohong a Ishemaele, mora wa Netaniya, hoba Ishemaele a bolaye Gedaleya, mora wa Ahikama. E ne e le banna le basadi le bana le bahlanka bao a ba kgutlisitseng Gibeone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi ba makgotla kaofela ba neng ba le ho yena, ba nka masala wohle a setjhaba ao Ishmaele, mora Nethania, a neng a a tlositse Mitspe, hobane a bolaye Gedalia, mora Akikame, e leng banna ba dinatla tsa ntwa, le basadi le bana, le maqhalaha, ba ba kgutlisa Gibeone;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 41:16
4 Referencias Cruzadas  

Ha balaodi bohle ba mabotho, mmoho le bahlabani ba bona, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya hore e be mmusi, batho bana ba ya ho Gedaleya, a le Misepa: Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane, mora wa Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete wa Monetofa, le Jaasanea, mora wa monna ya ahileng Maaka; ba ya le bahlabani ba bona.


Yaba Ishemaele o thopa baradi ba kgosi le masalla wohle a setjhaba a neng a le Misepa, ao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a a beile tlasa bodisa ba Gedaleya, mora wa Ahikama. Ishemaele, mora wa Netaniya, a a thopa, a tsamaya le wona, a tshelela mose ho Baamone.


Yaba Jeremia o bitsa Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos