Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 41:15 - BIBELE

15 Ha e le Ishemaele, mora wa Netaniya, le bahlabani ba hae ba robedi, ba phonyoha matsohong a Johanane, ba balehela ho Baamone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa Ishmaele, mora Nethania, a phonyoha ho Johanane, a ena le batho ba robileng meno e le mmedi, mme a ya ho bana ba Ammone.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 41:15
9 Referencias Cruzadas  

Mohlabani ka mong a bolaya wa hae. Baarame ba baleha, mme Baiseraele ba ba phaladisa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a lwabela pere, a baleha le bahlabani ba palameng dipere.


Empa ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama wa leloko la kgosi, a tla a ena le banna ba leshome, a fihla a bolaya Gedaleya, a bolaya le Bajuda le Bakalatiya ba neng ba ena le yena moo Misepa.


‘Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa?’


Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba.


Batho bohle bao Ishemaele a neng a ba thopile Misepa ba kgutlela ka ho Johanane, mora wa Karea.


Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna ba leshome, bao a neng a ena le bona ba raoha, ba hlatha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ka sabole, ba bolaya ya neng a kgethilwe ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa naha eo.


Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.”


Davida a ba bolaya ho tloha ka shwalane, ho ya fihla phirimaneng ya letsatsi le hlahlamang. Ha se ke ha phonyoha le ya mong wa bona, haese bahlankana ba makgolo a mane, ba ileng ba lwabela dikamele, ba baleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos