Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:30 - BIBELE

30 O tla etsang ha o so faladitswe? Leha o ka apara seaparo se sefubedu, leha o ka tlatlapela mekgabiso ya kgauta, fahleho sa hao wa se tlotsa ka kgokgotsi, ha o ka ke wa hlola o sa rateha, baratuwa ba hao ba tla o nyedisa, ba batle ho timetsa bophelo ba hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Mme wena, mosenngwa, o tla etsang na? Leha o ka ikapesa ka sekarelata, wa itlhophisa ka mekgabo ya kgauta, wa itlotsa mahlo ka setlolo, ke lefeela ha o iketsa e motle; dinyatsi tsa hao di hlile di a o nyedisa; di batla bophelo ba hao.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:30
27 Referencias Cruzadas  

Ha Jehu a se a fihlile Jesereele, Jesabele a utlwela taba ena. Yaba o roma mahlo a hae ka pilo, o kgabisa moriri wa hae, o hlaha ka fesetere o tadima kantle.


Pelo ya hao e se lakatse botle ba sona, mahlo a sona a se ka o hohela,


Mosadi a betseha ho mo kgahlanyetsa, a apere jwaloka seotswa, ka maqheka a sona.


Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae?


Mohlang oo, setjhaba se ahileng lebopong lena, se tla re: ‘Bonang se hlahetseng bao re neng re ba tshepile, bao re bileng ra phallela ho bona ho ya kopa thuso, hore re namolelwe matsohong a kgosi ya Asiria! Jwale rona re ka phonyoha jwang?’ ”


Baetsadibe ba Sione ba tshwerwe ke tshabo, ba kgopo bona ba a thothomela: “Ke mang ho rona ya ka phelang mollong o timetsang? Ke mang ho rona ya ka phelang malakabeng a kamehla yohle?”


O tla reng ha bao o no re ke metswalle, ba o hlweswa hodimo, e eba babusi ba hao? Na ha o na ho tshwarwa ke mahlaba, o tshwarwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung?


Wena moahi ya phelang Lebanone, ya phelang tlung e hahilweng ka dikedare, o tla dumaela hakae ha mahlaba a o fihlela, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung!


Bohle ba o ratang ba o lebetse, ha ba sa re letho ka wena; ke o otlile sa sera se o otla, ka o tuba sa ya sehloho a o tuba, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hoba dibe tsa hao di ile tsa eketseha.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Ke ipileditse ho baratuwa ba ka, empa ke bona ba ileng ba nkeka. Baprista le baetapele ba ka ba shwele, ba shweletse diterateng tsa motse, ba eshwa ba ntse ba sikila bohobe, hore ba tle ba tsebe ho iphedisa.


Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae.


Re tonne mahlo ra ba ra kgathala, ra lebella thuso, ra se ke ra e bona! Re lebeletse re le hodima ditora, ra lebella tjhaba se sitwa ho re pholosa!


O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.


Na ha o shebana le babolai ba hao, o tla nno ipolele, o re o modimo? Ha o le matsohong a babolai ba hao o tla nno be motho, e seng Modimo.


Bohle ba thusanang le wena ba o thetsitse, ba o kgarameletsa meeding; balekane ba hao ba o kgelositse, metswalle eo o e tshepang e o tjhehetse leraba, empa wena ha o ka ke wa le bona.


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


Dikgosi tsena di na le morero o le mong, e leng ho sebeletsa sebatana ka matla a tsona le ka borena ba tsona.


seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”


Mosadi eo o ne a apere diaparo tse perese le tse kgubedu, a ikgabisitse ka kgauta, le ka mabenyane a bohlokwa, le ka mahakwe. Ka letsohong la hae o ne a tshwere senwelo sa kgauta, se tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos