Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:29 - BIBELE

29 Ha rata la bapalami le ba diqha le utlwahala, baahi ba metse yohle ba tla baleha; ba tla kena merung, ba hlwelle hodima mafika; metse yohle e tla furallwa ke baahi ba yona, ha ho le ya mong ya tla phela ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Metse kaofela e ya baleha ka baka la lerata la bapalami le la diphosi tsa diqha, ba ya kena merung e metsho, ba hlwelle mafikeng; metse yohle e tla furallwa, ha ho sa tla ba motho ya ahileng ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:29
14 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, Morena a romela balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria, ba thopa Manase, ba mo kenya kgwathatha, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


Ba sekete ba lona ba tla phaladiswa ke a le mong, ba bahlano bona ba le phaladise bohle, ho fihlela le sala le ka sefate, se itsolokileng hodima thaba, le ka mokgele hodima leralla.”


ho fihlela Morena a leleketse bohle hole, naha yona e fetohile nanaola.


“Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.


Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi.


baahi ba motse ba phunya dikgeo marakong. Bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Ba nka tsela e lebang phuleng. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo.


Se hlometse ka diqha sa hlomela le ka marumo se sehloho, se bile se hloka mohau; mantswe a sona a hwasa sa lewatle le befile; se palame dipere, se theile theko ya ntwa, se futuhela wena Moradi wa Sione.”


Ka bona Morena a eme pela aletare, a re: “Pshatla hlooho tsa ditshiya, dikosene di sisinyehe, mathule a pshatlehele hodima hlooho tsa bohle, masalla wona ke tla a bolaya ka sabole; ha ho le ya mong ya tla baleha, ha ho le ya mong ya tla phonyoha.


Ke moo ba tla qala ho re ho dithaba: “ ‘Re weleng hodimo!’ “le ho maralla: “ ‘Re kwaheleng!’


Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos