Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 37:2 - BIBELE

2 Empa Sedekiya le bahlanka ba hae, le baahi ba naha eo, ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena, ao a a buileng ka molomo wa moporofeta Jeremia.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Haele yena le bahlanka ba hae le setjhaba sa lefatshe, ha ba ka ba utlwa mantswe a Jehova, ao a neng a ntse a a bolela moporofeta Jeremia.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 37:2
15 Referencias Cruzadas  

Davida a re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, jwalokaha ntatae a ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma bahlanka ba hae ho mo isetsa matshediso, ka baka la lefu la ntatae. Ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone,


Morena a roma moporofeta Nathane, hore a yo mo reela ngwana eo lebitso la Jedideya.


Baiseraele bohle ba mo epela, ba mo llela jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa mohlanka wa hae, moporofeta Ahiya.


Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.


Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema.


Empa Moshe a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako rome e mong osele.”


Ya romeletsang ditaba ka sethoto, o ikgaola maoto, o ipiletsa ditlokotsi.


Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo.


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Tsamaya o yo bua le Sedekiya, kgosi ya Juda, o mmolelle, o re: Morena o bua tjena: Bona, ke tla neelana ka motse ona matsohong a kgosi ya Babilona, mme e tla o tjhesa ka mollo.


“ ‘Wena kgosana e silafetseng, e kgopo ya Iseraele, letsatsi la kotlo ya hao le se le fihlile, mme bophelo ba hao bo kgopo bo tla fela!


Nna ke buile le baporofeta, ka ba hlahisetsa dipono, pono tse ngatangata, ka bua le bona ka ho etsa dipapiso.”


Arone le bara ba hae ba etsa tsohle tseo Morena a di laetseng Moshe.


Ka baka leo, ya hanang ditaelo tsena ha a hane motho, empa o hana Modimo, yena ya le neang Moya wa hae o Halalelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos